
SABC e tsibisitse pale e tla kena sekgeong sa Muvhango
Lekgotla la kgaso la Afrika South Africa Broadcasting Commission (SABC), e tsibisitse lenaneo letla kena sekgeong sa Muvhango.
Papadi ya Muvhango e fihlile pheletsong selemong sena ka mora ho etsa dilemo tse fetang 25 e bapatsa kanaleng ya SABC 2.
Pale ena e neng e bontsha bophelo ba morabe wa VhaVenda, e ne e le ya tse mmalwa tse akareditseng dipuo tse mmalwa ya TshiVenda e itlhomme ka pele.
Le ha SABC e sa hlalosa lebaka, menyenyetsi e kumme ha SABC e hlakotse Muvhango ka lebaka la palo e tlase ya bolatedi.
Sekgeo sa Muvhango, setla kwalwa ke ‘Pimville Queens’ ya Bakwena Production ya sebapadi sa mehleng sa Scandal Kagiso Medupe.
Le ha SABC e so netefaditse nako eo papadi ena e tla qala ka yona, lehlokwana la tsela le lepile ha e tla qala hara selemo se tlang ho isa kgweding tsa bo Phato ya makwatle.
Ha jwale sekgeo sa Muvhango, se kwetswe ke Giyani Land of Blood, eo le yona e bapatsang puo ya TshiTsonga e leng puo ya Limpopo.
Pimville Queens, e tla bapala kanaleng ya SABC 2 mantaha ho fihla labohlano ka 21:00 ka letsatsi letla phatlalatswa ke SABC.
BALA HAPE:Â Muvhango o fihla pheletsong
