
SARS e tla rekisa jwala ba Shauwn Mkhize
South Africa Revenue Service, SARS ka bokgutshwanyane, e ntse e le mehlaleng ya Shauwn Mkhize ya e kolota di’million tsa diranta.
SARS, e tla kena thekisong e ngwe hape moo batla rekisa thepa ya Mkhize ho fumana tjhelete eo ba e kolotwang.
Pejana SARS e rekisitse mekotla ya Mkhize e bitsang ho akga le koloi ya mofuta wa Lamborghini ho fumana tjhelete e ballwang ho R5.5 million.
Mkhize o kolota SARS tjhelete e kalo ka R40 million mme ho bonahala hole hole moo bobedi bona bo yang teng.
Thekisong e ngwe ke moo mmakgwebo enwa a lahlehetsweng ke sehlopha se seholo sa bolo (Royal AM) ka lebaka la dikoloto.
Lekgetlong lena SARS e tla rekisa mabotlolo a mefuta a bitsang a jwala ba Mkhize ho leka ho fumana tjhelete ya bona.
Hoya ka lehlokwana la tsela, mabotlolo a na a feta 360 mme ke mabotlolo a boleng bo hodimo a jwala ke ka hoo ho dumelwang theko ya ona e ka kwalang sekgeo.
Hara ona hona le botlolo tsa Veuve Clicquot, Moët & Chandon, le Luc Belaire.
Ho boele hobe le botlolo tsa Glenmorangie e dilemo di 19, 45 a Rupert & Rothschild 2017 Merlot/Cabernet Sauvignon, le Royal Salute e dilemo di 21.
SARS etla tshwara thekiso kgwedi etlang ka la 25 ho isa 27 Pudungwane.
BALA HAPE:Â Shauwn Mkhize o laelwa ho lefa R27 million
