Scorpion Kings di tlotla mohale

Scorpion Kings ba tlotla mohal

Dikgalala tsa mmino wa Amapiano tse ipitsang Scorpion Kings, ba hlalosa ha batla tlotla mohale wa mmino ka hare ho Afrika Boroa Caiphus Semenya moketeng wa bona o tlang.

Dj Maphorisa le Kabza de Small, ba tsibisitse ha batla tlotla qhoku ena ya mmino wa Jazz moketeng wa bona o lebelletswe ka tjantjello e kgolo ya “Scorpion Kings Live Concert”.

Semenya, o hlalositse ha e le tlotla ho ananelwa ke letlobo la ha jwale mminong.

“Ke tlotla ho ananelwa ke moloko wa ha jwale, ho hlalosa hore re entse ho hong ka nepo le ho tlisa diphetoho mminong,” ho realo Semenya.

Semenya ke e mong wa diqhoku tsa mmino ka hare ho Afrika Boroa tse ntseng di phela le ho ananelwa ka seabo sa hae mminong.

Bobedi bona bo tsibisitse ha sebini sa Nigeria Davido, e tlaba karolo ya mokete ona oo ba o hlalosang jwalong ka wa Kontinente ka bophara.

“Davido ke leloko. Ho ba teng ha hae ho tla bontsha hore mokete ona ke wa kontinente” ho hlalosa Maphorisa ya tlatsitsweng ke Kabza ka hore ba leka ho etsa lethathama la dibini letla etsa nalane.

Moketeng ona o tla tshwarwa kala 29 Phato lebaleng la Loftus Versfeld. Ho lebeletswe ho tsibiswa ha dibini tse ding tse tlaba teng moo.