Summer Walker o kopa tshwarelo le ho hlalosa

Sebini sa mose ho mawatle Summer Walker, o hlalositse ha le yena a maketse ka mora hore a fumane nako e kgutshwane ya ho bina sethaleng.

Walker e ne e le se seng sa dibini tsa sehloho moketeng o neng o tshwaretswe SunBet Arena Time Square, Pretoria ka sontana le ha leeto la hae le bile le ho kgaolwa ha nako sethaleng.

Sebini sena se neng se etetse Afrika Boroa ho tlo thabisa letshwele, se ile sa theolwa sethaleng ka mora ho bina nako e ka tlase ho hora.

Sena se sile ba bang ba batho basa kgotsofatswa ke seo ka mora ho tsetela nako le tjhelete ho lo boha thatohatsi ya bona e etsa menyakwe.

Walker o kopile tshwarelo ho balatedi ba hae le ho hlalosa ha le yena a sa tsebe se etsahetseng hobane le yena bo tlositswe a so qete sethaleng.

“Afrika Boroa ke kopa tshwarelo, ha ke tsebe se etsahetseng. Ke tlositswe sethaleng mme seo kaofela e bile ho se sebedisane mmong le tlhokeho ya hlompho,” ho realo Walker.

Sebini sena se hlalosa ha bahlophisi baile ba moqobela ho fetola nako ya hae ka makgetlo le hore balaudi ba sebaka ha ba mofa monyetla o lekaneng wa ho etsa seo a tummeng ka sona.

Le ka le hodimo ha hoso hlake kapa ho tlhaloso e hlakisang ketso ya ho tloswa ha Walker sethaleng.

Bahlophisi ba mokete Steyn Entertainment, le bona ha baso ntshe tlhaloso kapa kopo ya tshwarelo ho balatedi le Walker ka se etsahetseng.

 

BALA HAPE: Somizi o arabela Ngizwe Mchunu ka bobebe