Scott Maphuma o ntsha Maikutlo

Bophelo ba hoba motho ya tsebahalang ka hara Naha a Afrika Borwa ha bo monate, hibae batho ha ba nahane hore re batho Mme re utlwa bohloko.

Scotts Maphuma e leng e mong wa dibini tsa Afrika Borwa, eo Lebitso la hae la tswalo e leng Mpho Lenora o latafatswa ka hoba pelo e mpe ho balatedi kapa batshehetsi ba hae.

Ho bonahetse rekhoto ya hae moo a neng a se hantle ho batho, mme ke yona e ileng ya tsosa dipuo tsa batho.

Ho sa le jwalo, Scotts o ile hlaisa hore o kgathetse ke ho latafatswa ka dinako tsohle hobane fela nako tse ding a sa ikutlwi ho nka dinepe le balatedi ba hae.

O boletse hore Yena ha se tjhelete Mme a keke a ratwa ke batho bohle, mme a keke a kgona ho emela taba ya hore ha a sa kgona ho phela bophelo ba hae hantle.

O ile a tswela pele a bolela hore ha a sa kgona le Hoya mabenkeleng fela a sa kopwe hore a nke dinepe.

Maphuma o ile a bua ka taba ya ho hloka utlwisisi Hwa balatedi.

O ile a bua ka tokoloho ya hae ha mmoho le lenyatso ho tswa bathong Mme a bolela hore a kanna a hlakolwa hore a tle a be ke tokoloho.

Baahi ba naha ya Afrika Borwa ha Bana taba le rona, ha mmoho le maikutlo a rona, hore re utlwile bohloko kapa jwang.