
Sebohodi se tummeng sa Jozi FM se nyahlatsa mosebetsi
Sebohodi sa mehleng sa Gagazi FM Penny Ntuli, o arohana le Jozi FM ka mora dilemo tse pedi tsa tshebetso.
Letswallwa lena la KZN le lebile ho Jozi ka mora karohano e seng monate dipakeng tsa hae le Gagazi ka mora hore ho utlwahale hore o ne a kgola tjhelete e tlase haholo.
Ntuli, o ngotse leqhepheng la hae la Facebook hore tshebetso ya hae seyalemoyeng se seholo sa selehae ka hara Gauteng e fihlile pheletsong.
Tsibiso ya Ntuli e tla ka mora hore batho ba qale ho botsa dipotso ka mora hore matsatsi a mmalwa a fete Ntuli a sa utlwahale moyeng.
Molaetseng wa hae, Ntuli o lebohile bohle ba bileng le seabo nakong ya hae le ho bebofatsa mosebetsi wa hae ho Jozi FM.
“Ke tlile Johannesburg ketlo sebetsa dikgwedi tse 6 empa ke dilemo tse 2 mme seo ke bopaki ba kamohelo e mofuthu le maemo a matle a tshebetso,” ho realo Ntuli.
“Tlasa Jozi FM ke ithutile dipuo tse ngata mme hone hose bonolo. Ke leboha bohle ba bileng le pelo le ho nthusa haholo basebetsi mmoho le nna.”
Ntuli o hapile dikgau tse pedi tlasa seyalemoya sena mme o hlalositse ha e le nako ya ho batla lekgulo le letala le ho hola jwalo ka ha a tla tobana le diphepetso tse ntjha bophelong.
Pheletsong ya molaetsa wa hae, Ntuli o lebohile basebetsi bohle ba Jozi FM ho tloha ho mookamedi wa seyalemoya ho fihla ho bomme le bontate ba thusang ka mesebetsi e fapaneng.
BALA HAPE: Enhle Mbali: Ntse nka nyalwa hape
