
Sizwe Dhlomo o hanne memo ya Lasizwe
Motlalehi wa ditaba wa Afrika Bowa Sizwe Dhlomo o hanne memo ya Lasizwe Dambuza ya ho hlaha lenaneong la hae le tsebahalang la YouTube “Awkward Dates”.
Taletso ena e ne e tsositswe ke tjheseho ya balatedi ba marang-rang, e leng se ileng sa etsa hore Dambuza a kope Dhlomo ho ba moeti.
Dhlomo o ile a hana ka boikokobetso, a bolela hore ha a etse dipuisano empa o ananela lenaneo mme a ka nahana ho hlaha haeba a na le seo a batlang ho se phahamisa nakong e tlang.
Qeto ena e ile ya tsosa maikutlo a fapaneng ho tsww ho balatedi.
Ba bang ba ne ba belaella toka ya ho hlaha feela molemong wa papatso, ha ba bang ba ne ba utlwisisa boemo ba hae.
Motshehetsi e mong o kgothaleditse hore Dhlomo a ka bapala lenaneong feela empa a se ke a itlhalosa, ha e mong a mo babatsa ka ho sebetsana le boemo hantle.”
Awkward Dates”e tumme ho tloha ha e qala ka 2022, e hohela bamamedi ka dipotso tse sa hlophiswang le dinako tse hlakileng.
Lenaneo lena le na le baeti ba fapaneng ba tummeng, mme Dambuza o sa tswa arolelana lethathamo la baeti ba hae ba ditoro, ba kenyeletsang Bonang Matheba le Tyla.
Ha bohlokwa, Mofumahatsana wa mehleng Zozibini Tunzi o se a hlahile lenaneong, a thabisa bamamedi ka khemistri ya hae le Dambuza.
Qeto ya Dhlomo ya ho hana memo e tsositse phehisano hara balatedi, ba bang ba tshehetsa kgetho ya hae mme ba bang ba ikutlwa hore o fetotswe ke monyetla wa ho buisana le bamamedi ba hae sebakeng se kgutsitseng.
- BALA HAPE:Â Lethabo Mekoa e se ele sebuhudi sa MetroFM
Leha ho le jwalo, “Awkward Dates” e ntse e tswela pele ho thabisa bashebelli ba yona ka motswako o ikgethang wa metlae le dinako tse sa thabiseng.
- TRANSLATOR: Karabelo Molapo
