Seemah o nka mothinya o mong

Ka mora ho hlahella ditabeng ka hoba kgwebong le setheo sa Russia se hwebang ka batho (Alabuga), sebohodi sa Podcast Seemah, o nka mothinya o mong mme o fetoha DJ.

Seemah le ba bang ba bommamoratwa ba jwalo ka Peachy Sprinkles, Cyan Boujee le ba bang, ba ile ba seholla ka bohale ka mora ho sebetsa le setheo se neng se hweba ka batho mme ba lahlehelwa ke taolo ya a mang a maqhepe a bona a jwalo ka TikTok.

Batjha bana ba bitswa ‘influencers’ ba ile ba tebelwa ke TikTok ka mora ho tlalehwa mme sena sa ama maphelo a bona le ho lahlehelwa ke tsela tse ding tsa ho etsa lekeno le diriti tsa bona.

Moraong tjena Seemah o bone a letse (Djing) ho tse ding tsa dibaka mme ho dumelwa a kene lenaneng la ho letsa le yena.

Le ha ba bang ba batho ba makaditswe ke qeto ena, ba bang bona ha ba makala mme ba hlalosa ha sedikadikwe sena sa ho letsa e se e le moo batho ba balehelang teng.

Batho ba jwalo ka Thuli Phongolo, Gigi Lamayne, Cyan Boujee le Gogo Skhotheni, ke ba bang ba batho ba tummeng ba keneng sedikadikwe sena sa ho letsa batswa ho tse ding tsa dintho tseo ba qadileng ka tsona.

Ba bang ba batshehetse ba Seemah, ba hlalositse ha a ka etsa sebini se setle holatela lentswe le monate leo a nang le lona mme ba hlalosa hore ena ya ho letsa hase motinya o nepahetseng.

 

BALA HAPE: Peachy Sprinkles o kopa tshwarelo le ho hlalosa