Sehlopha sa Liquideep se ya kgutlelana

Sehlopha sa Afrika Boroa sa mmino sa Liquideep se ya kgutlelana ka mora dilemo arohane le ho nyamela sedikadikweng sa mmino.

Liquideep e thehilwe ka ditho tse pedi e leng Jonathan ‘Ziyon‘ Hamilton le Thabo ‘Ryzor‘ Shokgolo, se netefaditse ha se kgutlelana le ho tlo etsa dipina ka leqhephe la X moo ba manehileng kgatiso e kgutshwanyane ho fitisa molaetsa.

Sehlopha sena, se ile sa thehwa ka dilemo tsabo 2007 Johannesburg mme ba nka sedikadikwe sa mmino ka setsokotsane se makatsang.

Liquideep e tsejwa ka dipina tse jwalo ka ‘Alone le Fairytale‘ ho tswa albamong ya bona ya Fabrics of the Heart, e ileng ya dula ho multi-platinum status.

Bobedi bona bo tswelapele ho etsa mmino le ho hapa dikgau tse sehlotshwana dilemong tsabo 2010/11 jwalo ka ha bane ba thabisa batho ka mmino wa bona wa house kapa ‘Dance’.

Hoya ka le leng la masedinyana, sehlopha sena sentse se kene lenaneng la dibini ho e meng ya mekete e tla tshwarwa dikgwedi tse tlang.

Hara mekete ena, ho kenyeletsa mokete o tla tshwarwa ka la 01 Pudungwane motse thekong, Durban, ho latele o mong Bloemfontein.

Ho utlwahala sehlopha sena se sebeletsa ho ntsha Album e ntjha jwalo ka ha ba tsibisitse ho kgutla ha bona.

 

BALA HAPE: Sol Phenduka o botsa ka boemo ba Murumba Pitch