
Pina ya Uzizwa Kanjan e tswa pele
Dibini tsa mmino wa Amapiano le Afro-House Jazzworx, MaWhoo le Thukuthela ba fihlela phihlello e kgolo sedikadikweng sa mmino ka pina ya bona ya “Uzizwa Kanjan”.
Boraro bona bo fumane 10 million ya batho ba shebileng pina ya bona ho YouTube ka matsatsi pina ya bona e phatlaladitswe.
Pina ena, hae ratwe ho YouTube fela jwalo ka ha le diyalemoya tse fapaneng ka hara Afrika Boroa disa kgaotse ho e letsa.
Tshebedisano ya boraro bona ba bahlahisi le sebini (MaWhoo), bo bonahala bo sebetsa hantle jwalo ka ha e se pina ya bona ya pele yz ho fihlela dipalo palo tsena.
Kgweding tse tharo tse fitileng boraro bona bo sebeditse le GL_Ceejay moo bantshitseng setlabolane sa Bengicela, e leng e nngwe ya pina tse ratwang ka ho fitisisa ha jwale.
MaWhoo, o nkile sedikadikweng sa mmino ka setsokotsane ka lentswe la hae le molodi mme o se a sebeditse le batho ba jwalo ka Lwa Ndlunkulu, Mthandeni le ba bang ba bangata.
BALA HAPE: Kabza o hlalosa ka moo a kopaneng le Maphorisa
