
Shandesh o hapa kgau ya pina e ratwang
Sebini sa Limpopo sa mmino wa lekompo Rakgoale Nelly Machete ya tummeng ka lebitso la Shandesh o hapa kgau ya pina e ratwang
Sebini sena sa Ga-Modjadji Limpopo, se hapile kgau ka ya pina e ratwang ka ho fitisisa ho marangrang ka pina ya “Sdudla Slender” moo a nang le Mvzzle.
Pina ena e tswileng mathwasong a selemo, ke engwe ya tse ratwang ka ho fitisisa ha jwale Afrika Boroa mme kgatiso ya yona (music video) o se o shebeletswe ke 20 million ya batho ho YouTube.
Shandesh, ke se seng sa dibini tsa Limpopo tse nkileng sedikadikweng sa mmino ka mmino wa bona o ikgethang wa Lekompo.
Ho tloha a hlaheletse ka mahetla, “Shandi Mama” o ntsha dipina tseo e leng ditlabolane le ho siya batho ba nyakalletse.
Selemong sena fela, sebini sena se ntshitse dipina tse fetang hlano mme kaofela ha tsona dimametswe ke batho ba fetang million pina kang ho marangrang.
Dipina tsena diakga pina ya Di Chopper, Tshwara Hlogo, Passport, Warning, Mamenemene le tse ding tse ngata.
Mora tjena sebini sena se sehlahlo, se ntshitse album ya pina tse hlano kaofela “For The Queen”.
Album ena e tshwere dipina tse jwalo ka Sdudla Slender a e bina ka kotloloho, Odhwa Byang, Yaka Pelo, Morabaraba le Le Khona Bjane.
BALA HAPE:Â Tyla o roba rekoto e nngwe hape ya lefatshe
