
Warras o nyatsa kopo ya tshwarelo e fokolang
Sebohodi e bile e le motho ya hlaheletseng, Warras o ntshitse maikutlo ka tabeng e melomong ya batho ya Open Chats Podcast ka batho ba mmala.
Dipuo-puo di qadile ha kgatiso eo ho dumelwang e nyatsa le ho nyenyefatsa e hlahelang marangrang. Ditho tsa lesedinyana lena di kopile tswarelo le ho hlalosa hore e ne ese maikemisetso ho baka mathata empa batho ba hanana le seo.
Sebohodi Warras eo lebitso la hae e leng Warrick Stock, o ntshitse maikutlo le hore tshwarelo eo ya fokola e bile e ya nyenyefatsa. Warras o ikgatisitse a tsheha a be a botsa hore ke mang ya ngotseng tshwarelo eo.
Warras o re o tshehetse tokoloho ya puo empa o re meedi e lokela ho nkelwa hloko.
“Melawana e teng bakeng sa bohasi, e lokela ho latelwa ho qoba ditaba. E re ke o jwetse, e re ke ye moo, ke tla ba thusa ka keletso tsa mahala. Mohlomong e tla thusa.”
Ha molatedi a re masedinyaneng a hloka boeletsi, Warras o dumetse a be a eketsa ka hore “Ha hona ya itse maikutlo a fosahetse.”
“Ba kopa tshwarelo be ba lebala. Tjhe, ha e sebetse. Ho ba qeta ha se tharollo, empa ha re rutaneng. Ke mang ya ikarabella?, ke tlaya moo. Ke MacG’s lyties?”
Kopo ya lesedinyana e baleha tjena: “We dumela hore re utlwisitse bohloko, maikemisetso e ne e se ho utlwisa bohloko kapa ho nyefola.”
Ba hlalositse hore kgatiso e tlositswe le ho tshepisa ho ba hloko nako e tlang.
Ho sale jwalo Patriotic Alliance (PA) e qheletse ka thoko kopo ya tshwarelo ka hore e ya fokola. Mokgatlo o butse nyewe ka laboraro Brooklyn, Pretoria. O hlahletse tletlebo ho SABC le ho YouTube ho tlosa kgatiso eo ka kotloloho.
Mmueli wa PA, Liam Jacobs ya hlahletseng nyewe, o re kgatiso le maikutlo a yona di ya nyenyefatsa.
Ho sa le jwalo, Warras o eme ntleng ya ho ruta e seng ho tlosa lesedinyana leo. Le ha hole jwalo, tshenyo e phethehile.
Translator: Kabelo Lehasa
BALA HAPE:Â McKenzie o hlapanya ho nka mehato ya molao
