Sikelelwa Sishuba o hopola molekane wa hae Menzi Ngubane

Mofumahadi wa sebapadi sa mehleng sa thelevishene Menzi Ngubane o ngotse molaetsa o ammeng dipelo tsa ma’Afrika wa letsatsi la tswalo.

Sikelelwa Sishuba o ne a keteka letsatsi la hae la tswalo leo ka lona ba kabeng ba ketela letsatsi la bona la lenyalo le Ngubane.

“Katleho le mahlohonolo ho nna ka letsatsi la tswalo morena. Ke ya itebohela. Jwalo ka ha ke keteka letsatsi la tswalo, kajeno e kabe e le selemo sa bo leshome (10th wedding anniversary) Nomafu. Ka la 14 Lwetse ke ha ke ba Ngwetsi ya ha Ngubane.”

Ngubane ya ileng a thuma ho Yizo Yizo le Generations, o hlokahetse ka kgwedi ya hlakola ka selemo sa 2021 ka mora ho tshwarwa ke stroke a le dilemo di 56.

Mofumahadi enwa wa Ngubane o tsejwa ka ho bua phatlalatsa ka mathata ao a fitileng ho ona ka mora ho hlokahala ha molekane wa hae le ho arolelana metsotso eo a bileng le mohatsae.

Sishuba o ngotse ha a tla tswelapele ho ho hopola Ngubane ka letsatsi la hae la tswalo.

“Kwano lefatsheng, re arolelane bophelo ka Thabo ka moo re ka kganang mme ha hona mohla ke ileng ka nkela seo fatshe. Ketla ketela letsatsi la hao la tswalo empa ke tlabe ke o hopotse.”

 

BALA HAPE: Zenande Mfenyana o hopola Nandi Nyembe