
Khanyi Mbau ka Sefahleho se setjha
Khanyi Mbau o ile a fetola sefahleho sa hae ngwahola Mme ka mora moo haona moo a bileng a tswela teng.
Mme bekeng ena e shweleng o ile a ya ho launtjhe ya “Meet the Khumalos” ya Netflix.
Ho sale jwalo, Tsela eo a neng a shebahala ka yona e ile ya tsosa dinyenyefatso.
Batho ba bangata ba ne ba bile ba nahana hore ha a sana boitshepo.
Empa khanyi o ile a bolella ba SHISA live hore botle ba motho bo hlaha ho boitshepo Mme ha a Tshoswe ke di puo.
Khanyi o ile a tswela pele a bolela hore motho o bona botle ba hae, ebile motho botle ba hae ha se bo le tlalong empa ho ka hare ho motho.
O ile a bolela hore ho fetola ha sefahleho sa hae ke ho bontsha tokelo ya ho ntsha maikutlo.
Khanyi o tswetse pele a bolela hore molaetsa wa hae hantle ke ho ikamohela, ho matlafatsa le ho phela bophelo ba hae ho latela ka moo Yena a batlang.
O boletse hore o na le batho ba bangata ba mo eneng nokeng Mme ha a Tshoswe ke seo a se bonang ha a itjhebile seoponeng kapa hona ha a kwala mahlo a hae.
O boletse hore o na le matla a bosadi ho latela diqeto tsa hae.
Bala hape: Gogo Skhotheni o Tlohela Bongaka
Kanyi o tswetse pele a bolela hore o etsa seo a se ratang Mme se ya mo sebeletsa.
Translator: Karabelo Molapo
Sources:Times live
