Bo mmabotle ba Afrika Borwa

Re boetse re bone difahleho tse tlwaelehileng hara batho ba batlang ho hlōdisana ba tsetelang sekgetho sa Miss SA.

Ha ba kenela tlhodisano ena, bahlodisani ba arolelana marang-rang video ya hore na bobuelli ba bona ke eng le hore na ba emela eng hobane tlhodisano e feta botle le bokgabane feela.

Nsuku Mabunda, mmoho wa mehleng wa ntlo ya “Big Brother”, ya ileng a kenela sehla sa bohlano sa lenaneo la nnete, o ile a arolelana video ya hae, a bontšha hore o kgahlanong le tlhekefetso ya bong hape le ngwanana e mong le e mong ys ahloletsweng letlalo la hae, lentswe la hae le sebete sa hae.

Nsuku, eo e neng ele e mong wa Big Brother Mzansi ya selemo ya 2025, o kentse kopo ya hae ho re a tle a nke karolo ho bo mma botle ba naha ya Afrika Borwa.

Ntho e monate ka lenaneo Lena la Big Brother ke hore le bulela motho menyako ya menyetla e fapaneng.

Boholo ba batho ba ileng ba eba karolo ya big brother ba iphumanetse menyetla ho di thelevishini, di radio ha mmoho le tsa mmino.

Hona le ba bang hape beo ele di modlelara Mme ba bapatsa le ditlolo tse itseng tsa Sefahleho.

Sena se bontsha tswelo pelo haholo ho batho ba ileng ba eba karolo ya Big Brother.

Nsuku ho bonahala a kentse kopo ya hae hore a tle a nke karalo ditlhodisanong tsa bo mma botle Mme batho ba bangata ba a motshehetsa.