SIU e fanyeha thepa ya mofu Presley Chweneyagae

Setheo sa mmuso sa Special Investigation Unit (SIU) se fanne ka taelo ya hore thepa ya sebapadi sa ditshwantshiso seo e seng e le mofu ha jwale difanyehwe.

SIU, e ntshitse taelo ya hore ntlo e bitsang ya Presley Chweneyagae le thepa engwe ya hae, e fanyehwe ka mora hore lebitso la hae le tlole manyofonyong a ditjhelete a amang National Lotteries Commission (NLC).

Hoya ka tlaleho ya SIU, Chweneyagae o hlahella lenaneng la batho ba uneng molemo ka bolotsana ho NLC ka nako eo a ntseng a phela.

Tseko ya SIU ke hore Chweneyagae o rekile ntlong ya e ballwang ho boleng ba R889,000, ka karolo ya tjhelete e tswileng ka bolotsana ho NLC ho ya setheong se sa etseng phaelo (NPO) e lebitsong la Chweneyagae pele a ka reka ntlo.

Tjhelete e kalo ka R15 million, e ile ya tswela mekgatlo ya batjha moo dibapadi tsa ditshwantshiso le bo mmamoratwa ba jwalo ka Minnie Dlamini ba ileng ba una molemo.

Le ha hole jwalo, Dlamini o laetswe ho lefa tjhelete e ballang ho R50 000 e leng eo ho dumelwang a e fumane ka bokunyata.

Diphuputso tsa nyewe ena ditswelapele e le ho fumana dintlha tse toma ka batho ba amehang empa thepa ya Chweneyagae, e tlatswa e fanyehilwe ka nako ya diphuputso.

 

BALA HAPE: Emtee o re a ke ke a robala hape