Sol Phenduka o botsa ka boemo ba Murumba Pitch

Setho sa Podcast and Chill Sol Phenduka, o botsitse ka boemo ba sehlopha sa mmino se tsejwang ka Murumba Pitch ka mora hore ditho di arohane empa bz tswelapele ho sebedisa lebitso.

Phenduka o botsitse se etsahang hobane ditho tsena tsa di fihleletse qeto ya ho arohana empa bantse ba tswelapele ho sebedisa lebitso la sehlopha le ha ba sebetsa dibakeng kapa mminong o fapaneng.

Murumba Pitch, e ne e le sehlopha sa ditho tse pedi tse etsang mmino wa House, Dance le AfroTech.

Emmanuel Mathye le Thabang Innocent Mangolo ba fihleletse qeto ya ho arohana ka mora hofa Afrika Boroa dipina tse monate tse jwalo ka Hamba Juba le Wena Dali.

Ha jwale, bobedi bo etsa mmino hole le emong empa qaka ke hore batse ba tswelapele ho sebedisa lebitso la sehlopha.

Sol, o botsitse ha boemo bole jwang mme ba kgona jwang ho sebedisa lebitso la sehlopha empa ba sa hlole ba sebetsa mmoho.

Ditlaleho di kuma ha Innocent (vocalist) e bile karolo ya sehlopha ka morao mme seo sefana ka tetla ho Emmanuel ho sebedisa lebitso la sehlopha le ha a sebetsa a le mong jwalo ka mothehi wa sehlopha.

Ha jwale bobedi ha bo so tshwaele kapa ho ntsha maikutlo le ho hlakisitsa barati ba mmino wa bona ka maemo a ha jwale a ditaba.

 

BALA HAPE: Ba2cada o phatlalatsa lenaneo la Top 20 Countdown