
Mohlahisi wa Hamba Juba o re haso lefshwe
Mohlahisi wa pina ya Hamba Juba Jackson Motla ya tsebahang ka lebitso la JL SA, o re ha a so fumane letho pineng eo a e hlahisitse e ileng ya nka Afrika Boroa ka setsokotsane.
JL SA ya sebeditseng le Lady Amar, Murumba Pitch le Cici ka 2023 ho ntsha setlabolane sa ‘Hamba Juba’ o bontshitse kgalefo ya hae ho marangrang ka ditjhelete tse so lefshwe.
“Wa tseba ke entse morethetho oo? Ke entse pina eo ho tloha qalong, ke mosebetsi wa ka, ke bohlahisi ba ka, empa hake so fumane le ha e le cente ho tswa ho yona,” ke JL SA eo.
JL SA o hlalositse ha pina ena entse e sebetsa hantle le ho etsa mohlala ka moo e dutseng ho 23 million ya bamamedi empa yena a sa fumane letho.
“O ka sheba ho Spotify, pina e dutse ho 23 million ya bamamedi, ho Spotify fela. Ho YouTube e dutse ho 32 million ke sa bale tse ding. Lebitso la ka ke JL SA, ke etsa mmino empa hake kgole.”
E mong wa balatedi o botsitse JL SA hore ke hobane ha ba a botse dipotso pele ba ka kena ditumelano le ho tekena empa a hlalosa ha a sa tekena letho.
“Ha keya tekena letho hobane hone ho sena moo ho tekenwang. Ke tshepisitswe mokgekgetho wa 50% pineng.”
Lady Amar le Cici le bona ba tlalehile baso fumane letho hotswa pineng eo le ha balatedi ba dumela ho nkga letsuka la leshano.
BALA HAPE:Â Cassper Nyovest o lla ka ditshebeletso tsa Uber
