
Tebogo G Mashego o seholla DJ Karri
Ka mora ho hlahella a tlalletswe ke naha a le naheng ya Nigeria, Tebogo G Mashego o fetohile jwale mme o nyela sediba.
Sebini sena sa pina ya Biri Marung, o sehollotse ka bohale ketso ya Karabo DJ Karri ya ho ya ka dikhamera airport ka nako eo a neng a lo molata.
Mashego o ne a tlalletswe ke naha a le Nigeria ka mora hore metswalle ya hae e motlale matsoho le ho monyahlatsa sa mmoko wa pere.
Mashego, o ile a etsa kgatiso a lla sa mmokotsana a kopa dithuso sa ho kgutlela lapeng mme Karri a tlola matjato a masesane ho thusa.
Ha a se a le lapeng, ke moo a botsang hore ke hobaneng DJ Karri a tsamaya le dikhamera ho lo molata Nigeria.
Seo DJ Karri a se entseng sa tla le dikhamera airport ha sa nepahala. O ne a sebedisa bothata baka ho bapatsa pale ya hae (his reality show),” ho realo Mashego.
Mashego ya buileng masa a kokometse ka nako eo a neng a le Nigeria, o dumetse hore Karri o mothusitse empa taba ya dikhamera e ne e fosahetse.
“O nthusitse e le ka nnete empa o kase tle dikhamera bothateng bo jwalo. Bothata boo bone bole boholo empa ho lokile modulasetulo, retla bua hare kopana.”
