
Thandiswa Mazwai ke molatedi wa Dlala Thukzin
Sebini sa mmino wa Afro pop Thandiswa Mazwai, ke molatedi e moholo wa mohlahisi wa mmino wa 3step, Dlala Thukzin.
Mazwai o bontshitse sena ka mora hore Thukzin a hlalose ha a tla ntsha Album ya hae ka la 28 Pudungwane e bitswang “Mayvis”.
Mazwai o manehile ho X moo a ngotseng molaetsa o mokgutshwane “Iyooooh” ho arabeleng phatlalatsong ya Thukzin.
Thukzin, ke e mong wa bahlahisi ba nkileng sedikadikweng sa mmino ka setsokotsane se makatsang ka mmino wa hae o kopanyang batho dihlooho.
Ka mora ho tloha mmino wa Gqom le ho leba ho 3step, Thukzin ke mohlahisi ya tsejwang ka dipina tse etsang nalang le ho thabelwa ke bohle.
Hara dipina tsa hae re ka qoholla pina ya “Iplan” e tswileng ka 2023 le “Phuze” e tswileng ka 2021.
Bobedi dipina tsena ntse diratwa le ho letswa jwalo ka ha e ka ke pina tse ntjha.
