Thobejane o ntsha maikutlo ka basadi ba akolang Kat Matlala 

Mmamoratwa e bile e le sebapadi sa thelevisheneng Tebogo Thobejane, o bontshitse ho makalla basadi ba akolang le ho bua ka Vusimuzi Matlala.

Thobejane eo a kileng a ba maratong le Matlala pele ho utlwahala ha Matlala a ile a rera polao e nyopileng, o bontshitse ho makalla ka moo batho ba potlakang ho fetola maikutlo a bona ka teng.

Matlala o hlahelletse ka pele komiti ya palamente e ntseng e fuputsa menyenyetsi ya boitshunyakako ba bokebekwa sepolesa mme batho ba bile le maikutlo a fapaneng ka Matlala.

Ba bang ba batho bao boholo ba bona e leng basadi, ba bontshitse ha ba ema le ho thabela Matlala le ha a qhoswa ka teko ya polao e leng se siileng Thobejane a maketse.

“Ntho e nngwe mona hae kopane. Ka pelenyana fela naha e se e rata motho ya neng a tshajwa, e hlalosa hore sena kaofela ke mmomori o ntse e fetolwa ka dikgosheletsaneng,” ho realo Thobejane.

Thobejane o bontshitse ho kwatiswa ke ka moo batho ba potlakang ho kgahlwa ke none e feta e le ha a shebile ka moo basebedisi ba marangrang ba buang ka Matlala ka teng.

“O shebile ka moo “blogs” difetohileng le ho buela hodimo ka motho, o shebile ka moo jwalo ka naha re fetohang ka bosiu ka teng?”

“Rele naha re nkeha ha bobebe. Re lebala ditsotsi tsa nnete, re lebala batho ba lemetseng le maphelo a lahlehileng. Re tlohela matla a ngole ka pela mahlo a rona.”

 

BALA HAPE: Mkhwanazi o fitisa mpho ya batho ba X