Tyla o saenne tumellwano ya ho sebetsa le Nike

Leeto la Tyla ho tloha ho hatiseng dipina Johannesburg ho ya ho hapeng kgau ya Grammy e bile ntho e babatsehang.

Morwetsana ya dilemo di 23 ya tummeng lefatsheng ka bophara ka ho panya ha leihlo, leeto la hae le ntse le tswela pele.

A ena le balatedi ba holang le ho ratwa haholo, Tyla e se e le sibini se hirwang haholo indastering ya mmino.

Matsatsi a se makae kamora ho hapa mahlo lenaneong la Super Bowl ka moaparo wa hae o kgahlang, Tyla o nyollotse tshusumetso ya hae ka ntle ho mmino mme a kgahla di brand tse itseng.

Tyla o saenne tumellwano ya ho sebedisana le Nike mme ena ke ntho e ka fetolang bophelo ba hae ka ha o se a tla bapiswa le dikakapa tse kang bo Travis Scot, Billie Eillish le Drake.

Sebini sena se hapileng kgau ya Grammy kgale se rata brand ena ya Nike mme kajeno e se e le yena ya e bapatsang.

BALA Hape: Lerato Kganyago o bua ha monate mabapi le sejari ya hae ya ho fokotsa matswele.

Source: www.enterteinmentsa.co.za

Translator: Masole Mabaleka