
Amanda du-Pont o etsa nyehelo ho Women for Change
Sebapadi sa ditshwantshiso Amanda du-Pont, o entse nyehelo e kgolo mokgatlong o emang kgahlano le tlhekefetso wa Women for Change.
Du-Pont, o nyehelane ka tjhelete e kalo R100 000 ho mokgatlo ona o na le mohwato o moholo ka labohlano wa ho ema kgahlano le tlhekefetso.
Women for Change, e qadile letsolo la mmala o pherese dibekeng tse fitileng moo basadi, banna le bana ba kgothaleditsweng ho apara pherese ka labohlano ho ema kgahlano le tlhekefetso.
Letsholo lena le reretswe ho fitisa molaetsa o matla wa ho ema kgahlano le mahloko a tlhekefetso, dipeto dipolao le ho nyamela ha basadi le bana ka hara Afrika Boroa.
Le ha e se motho wa pele a thummeng ho bontsha tshehetso, du-Pont ke yena wa pele wa ho etsa nyehelo ya tjhelete tshehetsong ya mokgatlo ho bontsha tshehetso.
Mohwanto o lebeletswe ho nka karolo dibakeng tse fapaneng tsa naha ka labohlano.
Mmala wa letsatsi leo, o lebeletswe hoba pherese mme tebello ke hore le ditshebeletso ditla ameha ka letsatsi leo.
BALA HAPE: Siya Kolisi o tshehetsa mohwanto o kgahlano le tlhekefetso
