Zee Nxumalo o etsa selekane le kgwebo e kgolo lefatsheng

Sebini sa Afrika Boroa se ntseng se tswelapele ho ingola ka ditlhaka tsa mollo sedikadikweng sa mmino le kgwebo, se kene tumellano le e nngwe ya dikgwebo tse kgolo lefatsheng.

Zee Nxumalo o kene tumellano le Coca-Cola e leng tumellano e tla moatametsa haufi le papadi ya bolo lefatsheng.

Tumellano ena, e fa Nxumalo monyetla wa ho tlalatlala le lefatshe e le karolo ya kgwebo ena e tummeng ka nako ya ho bapatsa mohope wa lefatshe pele o thakgoha.

Sebini sena se qetang ho phatlalatswa jwalo ka sebini sa mosadi se latelwang haholo ho YouTube kwano Afrika Boroa ke 183 million ya bamamedi, o tla feletsa mohope ona ka nako eo o tlabe o le ditoropong tsa Afrika Boroa tse kgolo.

Dikgwebo tse fitileng Nxumalo o ile a phatlalatsa ha a sebetsa le Puma ka mora ho bonwa a apere meaparo ya sehlopha sa Mamelodi Sundowns e tshehetswang ke Puma.

Nxumalo ya dilemo di 23, o tswelapele ho ingolla nalane ya hae sedikadikweng sa boithabiso ka mora phunyeletso ya hae ka dipina tse jwalo ka Funk55, Ngisakthanda le tse ding.

Ho toboketsa tsena kaofela, sebini sena se bonwe se bapala bolo se tshwere seno sa Coca-Cola e le ho romela molaetsa wa tumellano e ntjha e fihleletsweng.

 

BALA HAPE: Lerato Nxumalo o bitsolla banna ba Afrika Boroa