Ama Qamata o kgaba moketeng wa L’Oréal

Ka mora ho thongwa jwalo ka moemedi wa L’Oréal Paris, sebapadi sa ditshwantsho Ama Qamata, o se hlaletse ka pele setjhaba moketeng o moholo wa Paris Fashion Week runway (Le Défilé L’Oréal Paris).

Letswallwa lena la Afrika Boroa, o sa tswa thongwa hoba moemedi (ambassador) ya L’Oréal e tsejwang lefatshe ka bophara ka ho etsa disebedisa tsa sefahleho le botle.

Qamata, o ne a ikgohla mahetle le batho ba hlaheletse ka mahetla sedikadikweng sena sa feshene le botle le ha a bonahetse e ka ha phuthuluha.

Sebapadi sena sa Gomora, o ne a apere mose o mokubedu ka mmala mme o bile o le mokgutshwane.

Kgafetsa kgafetsa o ne a bonahala a o hulela tlase e leng se bakileng dipuo dihana ho fela ho ma’Afrika Boroa.

Le ha hole jwalo, L’Oréal e hlalositse ha mokete ona e ne e le nako e ntle ho bontsha Qamata ka pela batho ka mora hore a kene selekaneng le bona.

Qamata o kena lenaneng la Ma’Afrika Boroa a jwalo ka Thuso Mbethu le kgalala tse ding tsa Afrika ho sebetsa le L’Oréal.

 

BALA HAPE: Lerato Nxumalo o bitsolla banna ba Afrika Boroa