
Sol Phenduka o tshwaela tabeng ya ho lwana ka bana ha batswadi
Sol Phenduka o ntshitse maikutlo ka ketsahalo eo ho yona bana ba sebediswang ho lwana dintwa tsa batswadi.
Phenduka, o hlalositse ha hosa hlokahale hore bana ba sebediswe ho lwana dintwa tsa batswadi moo motswadi e mong a tla hanela e mong ho bona ngwana.
Ketsahalo ena, e bonahala haholo batswading ba arohaneng ka tsela e empe mme e mong wa bona a be a batla ho ntshe bohloko ka ho sebedisa ngwana.
Phenduka, o ne a arabela potsong ya hore “monna ya senang tjhelete le ho tshehetsa ngwana ka ditjhelete o na le tokelo ya ho bona ngwana.”
“Ho bona ngwana ke tsela ya tshehetso ya monahano le maikutlong,” ho realo Phenduka.
“Ho bona ngwana hao hare ho lefa, ke tokelo. Dumellang banna ho bona bana le ha e se karolo ya maphelo a bona. Ngwana ha a hola o tla bona hore ntatae ke motho ya jwang.”
Phenduka o lemositse batswadi hore ho timana ngwana monyetla wa ho kopana le ntatae le ha e le jwang, ho kaba le ditholwana tse bosula.
“Ha o otla ntata ngwana ka ho mohanela ho bona ngwana, ngwana eo o tlo hola mme a o hloye ha a elelwa tseo e dientseng le ho motima monyetlawa ho kopana le ntatae.”
Maikutlo a Phenduka a kgwepeditse dipelo tse ngata le ho hlahisa lehlakore leo ba bang ba batho baneng ba sa tsebe ka lona.
BALA HAPE:Â Sol Phenduka o thontswe dikgau le ha a nyaotswe mosebetsing
