Pina ya Rea Gopane e baka ditaba ho marangrang 

Pina e tswileng mafelong a selemo sa 2025 e ntsuwa ke Rea Gopane ya “Suka”, e bakile ditaba ho marangrang jwalo ka ba batho ba botsa motso wa ona.

Pina ena e metsotso e meraro (2,52 minutes) e bakileng ditaba ka morethetho wa yona le bolele ba yona boo batho ba dumelang bole bokgutshwane haholo bakeng sa pina ya mofuta oo.

“Suka” e bonahetse e rata ke ba bang ba bamamedi le bathahaselli ba mmino le ba ba bang ba botsi ka motso wa yona.

Ho utlwahala ha pina ena e entswe ka motjhine (Artificial Intelligence) ho latelang morethetho wa yona mme seo ke sona se bakileng dipotso.

E mong wa batho ba bontshitseng ba dumela e le pina e monate, ke Sol Phenduka le ha a botsitse ka bolelele ba yona.

“Pina ena e monate, batho ba e rata. Empa metsotso e meraro? Aowa Rea!!!” Ho realo Phenduka.

E mong wa batho ba bonahetseng ba maketse ke Zee Nxumalo ka hore pina eo ho belaelwang e le ya AI e kgona ho etsetsa mohlahisi wa yona lekeno.

“Le dipina tsa AI dikgona ho etsetsa batho lekeno?” Ho realo Nxumalo.

Maikutlo a ntse a tswelapele ho fapana ka pina ena mme ba bang ba batho ba dumela ha e le pina e monate mme ba e thabela.

Tshebediso ya AI ka hara sedikadikweng da mmino e bonahala e tlaba bothata bo boholo jwalo ka ha e qadile ho bonahala America mme jwale e Africa Boroa.

 

BALA HAPE: Sol Phenduka o tshwaela tabeng ya ho lwana ka bana ha batswadi