Setshwantsho sa monna ya dikgopo se baka ditaba

Setshwantsho sa monna ya dikgopo se bakile ditaba ho marangrang ka mora hore batho ba nahane le ho lepa ha e le Bashe ya neng a utlwana le Ntando.

Monna enwa o bonwa a emisitse koloi ka thoko ho tsela mme a paqame hodima yona a setse ka dikgopo.

Setshwantsho sena se potlakile le ho kapa mollo ho marangrang jwalo ka ha batho ba lepile ha e le Bashe le hore o ne a llela kgarebe ya hae.

Bashe le Ntando e ne e le baratani ba tummeng ho marangrang ka lebitso la “couple ka jesu” mme bobedi bona ho utlwahala ha boarohane ka mabaka a sa tsebahaleng.

Le ha hole jwalo, basebedisi ba marangrang ba lepa le ho ikopanyetsa dipale tsa bona tseo e kabang sesosa sa tlhalano ya baratani bana ba kileng ba nka marangrang a Afrika Boroa ka setsokotsane.

Menyenyetsi e kuma ha Bash a kwetse maqhephe a hae a marangrang e le ho leka ho shebana le ho feta maemong ao a fetang ho ona ha jwale.

BALA HAPE: Maikutlo a tswelapele ho fapana ka karohano ya Ntando le Bash