
Prof Mda o lla ka tshebediso ya dibuka ho kwetlisa Al
Mongodi wa dibuka ya tsebahalang lefatshe ka bophara Professor Zakes Mda, o re dibuka tsa bona disebediswa ho kwetlisa Artificial Intelligence (AI) ntle le tsebo ya bona.
Hoya ka lesedinyana la Sunday World, Mda o tsebile sena ka mora ho qhwawa ke basebetsi mmoho le yena ba London ka mora hore ho hlolwe nyewe kgahlano le tshebediso ena.
Mongodi enwa wa buka tse jwalo ka Madonna of Excelsior, ke emong wa bongodi bao dibuka tsa bona disebedisitsweng ho kwetlisa AI mme o letotong la batho ba hapileng nyewe le ha a ne a sa tsebe hore buka tsa hae tse tsheletseng disebedisitswe le ha ho hlahella ya Ways of Dying fela.
Kgwebo ya AI ya Anthropic, e hlotswe ke nyewe moo baneng ba sebedisa dingolwa tsa batho ho kwetlisa Al ntle le tsebo ya bona mme ba lokela ho lefa e le kotlo.
Mda, o re tjhelete e tla lefshwa tla phumula bangodi dikgapha le ha a sa tsebe hantle ka seabo sa hae ho AI.
“Ha hona tshwana, bonyane boo botla phumula bangodi dikgapha bakeng sa mesebetsi ya bona e sebedisitsweng le ha kene ke sa tsebe ka seabo sa ka,” ho realo Mda.
Le ha a tla una molemo, Mda o botsitse ka bangodi ba bang bao dingolwa tsa bona disebedisitsweng bao e seng ba ahi ba America.
“O kase njwetse hore batho bana ba sebedisitse dingolwa tsa America fela. E be Afrika Boroa e na le melawana e tshireletsang bangodi le dingolwa tsa bona.”
BALA HAPE:Â Mkhwanazi o fitisa mpho ya batho ba X
