
Somizi o arabela Ngizwe Mchunu ka bobebe
Sebohodi e bile e le mmamoratwa Somizi Mhlongo, o arabetse mantsweng a ileng a bua ke Ngizwe Mchunu eo le yena e leng sebohodi sa mehleng sa thelevishene.
Mchunu eo e le moetapele wa sehlotshwana se itseng sa batho ba morabe wa maZulu, o ile a bua le ho seholla lenyalo la banna ba babedi mmo e mong wa bona a neng a apere moaparo wa seZulu.
Mchunu o ile a kenyeletsa Mhlongo eo le ena a utlwanang le banna ba bang le ha Mhlongo e ne e se karolo ya lenyalo leo.
Ka mantswe a hae, Mchunu o ile a hlalosa ha Mhlongo a lokela ho nka batho ba hae, e le ha a hlalosa batho ba utlwana le ba bong bo tshwanang.
Mhlongo, o hlalositse ha batho ba sa lokela ho ingamola dihloho ka ntho tse sensng molemo le hore ba tsepamisa maikutlo nthong tse molemo.
“Ho tsohle tse etsahalang, keletso ya ka ke hore o se thumele seo se o senya kelello. Wa tseba hore o mang. Se theole boleng ba hao ho fihla boemong ba bona. E ba wena,” ke Mhlongo eo.
Mchunu o sehollotswe ke batho ba bangata ka lebaka la mantswe a hae mme e nngwe ya makoloi a kileng a sebetsa le yena, e hlalositse ha e ke ke ya tshwaela mantsweng a Mchunu.
BALA HAPE:Â Maikutlo a Ngizwe Mchunu a arola setjhabaÂ
