
Asavela Mqokiyana o se a bapalla Uzalo
Asavela Mqokiyana o se a tla bapalla terama ya ka Sabc 1, e bitswang Uzalo.
Kamora ho phomola ha dilemo tse tharo, Asavela Mqokinyana o na le balatedi ba thabileng ha a kgutlela ho bapala ka karolo e ntjha.
Motshwantshisi ya nang le talenta o qeta ho kena Uzalo, a bapala Nurse Sizakele.
Asavela o kene indastering, ka 2018, ha a ne a etsa ditlhahlobo tsa karolo ya Mzansi Magic Isithembiso.
Leha ho le jwalo, ka nako eo o ile a bitsetswa tlhahlobong ya lenaneo le leng la Mzansi Magic, Isibaya.
Qetellong o ile a kena sehlopheng sa bohlano sa soapie mme a bapala karolo ya Ntwenhle.
Karolo ya hae, e neng e reretswe ho nka dikgwedi tse tsheletseng e ile ya tuma haholo, mme Asavela a tswela pele ho bapala karolo eo ka dilemo tse ka bang 4, ho fihlela sehla sa ho qetela sa Isibaya ka 2021.
karolo ya thelevishene sehla sa bobedi sa letoto la ditshwatshiso tsa 1Magic Abomama, Letotong lena, o ile a bapala karolo ea Amogelang.
Hape o kile a bapala Amahle Dladla ho Durban Gen.
Hona jwale o kgutlile ka gig e nngwe ya dibapadi, mme balatedj ba hae ba teng bakeng sa yona.
- BALA HAPE:Â Zola Ntshangase o nyala mosadi wa bobedi
Ka mora hore basebetsi-mmoho le eena ba indasteri ga phatlalatso ba kang Mmabatho Monthso, Lerato Mvelase, Khabonina Qubeka le Pallance Dladla ba keteke le ena.
- Translator: Karabelo Molapo
