
Primo Baloyi o ikemiseditse ho fetola sebaka sa borametlae Afrika Borwa
Mohlankana ya tummeng haholo ho TikTok e leng Ofentse ‘Primo’ Baloyi ha se moqapi wa TikTok fela empa ke e mong wa borametlae ba Afrika Borwa.
Primo ho ikemisetsa ha hae ho etseng TikTok ho mo thusitse ho tswela pele le ho dula a tswelella.
Mohlankana ya neng a tsejwa ka di TikTok kajeno o se a kenelletse bo bapala kalaneng ho thelevishene.
Sena se bontsha hore marangrang a ka thusa tswelopele ya motho mme a fumana ho atleha.
Primo o ratwa haholo ke batho ka lebaka la hore ho TikTok o rata ho hlahisa yena le ntatae Lucas Radebe.
Bobedi ba bona ha ba kopane ba etsa metlae e qabolang e leng se ratwang haholo ka balatedi ba Primo.
Primo ha a bua ka leeto la hae o re o thusitswe ke ho itseba hore o batlang le ho itlhokomela mme seo se mo thusitse ho hola.
BALA Hape: Kelly Khumalo le Arthur Mafokate ba makaditse batho ha ha ntsha pina e ntjha.
O re o batla ho fetola tsela eo metlae ya Afrika Borwa e leng ka teng mme o batla e tsamaisane le tse etsahalang setjhabeng.
Source: www.entertainmentsa.co.za
Translator: Masole Mabaleka
