
Kelly Khumalo le Arthur Mafokate ba makaditse batho ha ba ntsha pina e ntjha
Dinepe tse neng di manehilwe tsa bana ba babedi di entse pherekano ho marangrang. Batho ba ipotsa hore ekaba ho etsahala eng pakeng tsa bona.
Balatedi ba ne ba ipotsa dipotso hore ekaba bobedi bona bo ya ratana kapa ke metlae e mona eo ba tlwaetseng ho e etsa ho marangrng.
Kelly le Arthur ba makaditse batho haholo ba eketsa le dipuo ha ba ntsha pina e ntjha ‘ngeke’ ntle le ho tsebisa batho. Ha ba ntsha pina eo ba memme balatedi ba ka sehloohong fela mme batho ba bone ekare ke moketjana wa ho kopa lenyalo.
Kamora moo Arthur o manehile ho Instagram horeo je a sa lebella tsena empa ho hlakile hore “ha Modimo a le taolong hahona letho le ka thibelang tswelopele.” O re ba ntshitse pina le video ya yona mme ba e bapalla hona tsatsing leo.
Balatedi ba re ho hlakile hore bobedi bona bo tlwaetse ho ba patela dintho.
BBALA Hape: Tyla o saenne tumellwano ya ho sebetsa le Nike.
Source: www.entertainmentsa.co.za
Translator: Masole Mabaleka
