
Bahlahisi ba ditshwantshiso batla piketa ha Bridgette Motsepe
Bahlahisi ba ditshwantshiso kwano lapeng tlasa boetapele ba Sello Chcco Twala, ba hlapantse ho piketa ka pela ntlo ya Bridgette Motsepe ho fihlela dillo tsa bona disekehelwa tsebe.
Twala le bahlahisi bana balla ka ho se tshepahale ha Motsepe le ho sitwa ke ho tsitlallela ditumelano tse entsweng sethathong.
Sehlopha sena se hlalosa ha kgatiso e neng e lokela ho bapatswa selemo se fitileng ya Worse than Apartheid e tlotswe ke nako ka lebaka la Motsepe.
Ho tlalehwa ha kgatiso ena e ne o tlo bapatsa tse ding tsa diketsahalo tse tla bontsha bobe ba ANC mme ho lekuwe mawala otle ho e tlosa pontsheng.
Motsepe ka ho le leng o qositse Twala ha ho fupa R3 million ka ho dumela ha karolo tse itseng tsa kgatiso ena dike ke tsa bontshwa.
Le ha hole jwalo, bahlahisi bana ba hlalositse ha Twala a tshepahetse le ba bontsha puisano tsa hae le Motsepe.
“Twala o re bitseditse kantorong ya hae moo a lekileng ho letsetsa Motsepe empa a se arabe mohala. O re bontshitse melaetsa ya hae le Motsepe,” ho realo Mashimbyi.
Bahlahisi bana ba hlalositse ha Motsepe a ile a hlaisa hore ho etswe kgatiso e kopanyang setjhaba hona le e botsha tse ding (Worse than Apartheid).
Le ha hole jwalo bahlahisi bana ba hlalositse ha Motsepe a hloka nnete mme batla piketa ka pela ntlong ya hae ka la 13 Mphalane.
BALA HAPE:Â DJ Cleo o kgetha puo tsa bajaki hodima tsa lapeng
