
Balatedi ba AKA ba sala ba maketse
Balatedi ba sebini sa mmino wa ‘Rap le Hip Hop’ e leng Kiernan Forbes ya neng a tsebahala ka lebitso la AKA, ba makaditswe ke pina eo ba sa e tsebeng lenang la dipina tsa sebini sa bona ho Spotify.
Pina ena ya lebitso la Cocktail, e makaditse batho ba bangata ba latelang mmino wa Forbes ho Spotify le ha a se a hlokahetse.
E mong wa balatedi bana, o nketse sena ho TikTok ka ho lemosa ba bang le ho batla tlhakisetso ka ketsahalo ena.
Ena e sa tsejweng e ntjha e bonahetse lenaneng la dipina tsa Forbes ho Spotify e leng se makaditseng balatedi ka hobane sehlopha sa Forbes hasa ntsha molaetsa o hlalosang ha batla ntsha pina.
E mong wa balatedi o lepile ha tsamaiso ya account eo ya Forbes e nkuwe ka boqekanyetse (hacked) ka ha pina eo e se ya Forbes le morethetho wa yona o fapaneng hole le wa pina tsa Forbes.
Forbes o ile a hlokahala ka selemo sa 2023 ka mora ho thungwa le motswalle wa hae Tebello Tibz.
Taolo ya ditheo tsa hae e tlasa batho bao aneng a sebetsa le bona ka nako eo a neng a ntse a phela mme ho bonahala ena ya Spotify e nkuwa ka bolotsana.
BALA HAPE:Â Nyewe ya AKA le Tibz e kgutlela lekgotleng
