Moketjana ya Pens down e shejowe ka leihlo le ntjhotjho

Meketjana ya baithuti ya mafelo a selemo ya Pens Down, e sehollwa ka bohale jwalo ka ha baithuti ba itukisetsa ho ekenela.

Sepolesa sa Afrika Boroa dibaka ka ho fapana, se malala-a-laotswe ho etsa bonnete ba hore ha hobe le mekete e tswelang pele ka katleho.

Mekete ena ke emeng ya mekete eo bana ba tlase dilemong bayang ka bongata le ho etsa ntho tse tswileng tseleng.

Eastern Cape, ke e nngwe ya profense tse ntshitse mahlo dinameng ho etsa bonnete ba hore se ileng sa etsahalang dilemo tse fitileng Enyobeni tavern ha se etsahale hape.

Mona ke moo batjha ba bangata [21] ba ileng ba lahlehelwa ke bophelo ka mora ho nyenyelepa ntle le tsebo ya batswadi le ho fihla ba petetsana ntle le ho fumane moya o lekaneng.

Baithuti ba qetile ho ngola beke e fitileng mme boholo ba bona ba lapeng bakeng sa matsatsi a phomolo ya mafelo a selemo.

Batswadi le bona ba koptjwa ho leka ho etsa bonnete ba hore bana ba bona ba teng ka tlung le ba beha leihlo hore base nyenyelepe le ho nka karolo meketeng ena.

 

BALA HAPE: Mokgatlo wa Say No to Pens-Down Parties o etsa boipiletso