DJ Shimza o etsa nyehelo ho Chymamusique

Seletsi sa mmino se tummeng lefatshe ka bophara Ashley DJ Shimza Raphala, o entse nyehelo ya tjhelete ho seletsi se ileng sa ameha kotsing ya koloi dikgwedi tse fitileng.

Shimza, o nyehelane ka tjhelete e kalo ka R92 000 ho letlole la BackaBuddy ho thusa Chymamusique ka ditjeho tsa bongaka.

Chymamusique, o ile a ameha kotsing ya koloi e nkileng bophelo ba motswalle wa hae ha yena a phonyohile lefu le ho tswa dikotsi tse keneletseng.

Mohlahisi enwa wa mmino o dutse dikgwedi bookelong le ho tswa a kena ka mora kotsi mme ha jwale taba ke ditjeho tsa bongaka.

Chymamusique, o ile a ngola ho marangrang ka ditjeho tsa temalo ya hae mme batshehetse ba eletsa hore a bule letlole moo batla etsa dinyehelo tsa ho thusa ka ditjeho.

Shimza, o entse nyehelo e kgolo ka ho fitisisa bathong baseng ba kentse letsoho ho thuseng mohlahisi enwa ya hlwahlwa wa mmino.

Ha jwale Chymamusique o ntse a ikokela lapeng ka mora karo (operation) ya hlooho e leng yona ya moraorao ka mora kotsi.

 

BALA HAPE Sebini sa Limpopo se ameha kotsing ya koloi