
Batshehetsi ba Zahara ba etela lebitla la hae
Batshehetsi ba sebini se seng se robetse boroko ba ho qetela Bulelwa Mkutukana ya neng a tumme ka lebitso la Zahara, ba botshitse ha ntse ba hopola sebini sa bona ka ho etela lebitla la hae.
Batshehetsi bana, ba etetse lebitla la Zahara e le ho hlwekisa haufi le lona le ho bontsha ha ntse ba ananela sebini sena.
Zahara, o hlokahetse ka Tshitwe 2023 ka mora ho lwana le kgatello ya maikutlo nako e lelele.
Sebini sena sa pina tse jwalo ka “Loliwe, my Guitar, Umthwalo, Phenduka le Lengoma,” se ile sa hapa dipelo tsa ma’Afrika Boroa le lefatshe ka lentswe la hae le molodi le dipina tsa hae tse tletseng melaetsa e matla.
Letswalla lena la Eastern Cape, e bile e mong wa dibini tse ileng tsa etsa mohlolo wa ho hapa dikgau tse 8 moketeng wa SAMAs 18 ka 2012.
Phihlello ena e ntse e dutse e le ya mofuta wa yona nalaneng ya dikgau tsa mmino kwano Afrika Boroa.
Ka kakaretso sebini sena se hapile dikgau tse fetang 40 dilemong tse 11 tsa ho bina pele lefu le mokgaoletsa.
Dipina tsa Zahara, ke tse ding tsa dipina tse ntse ditswela pele ho bapala le ha monga tsona a se a ile masihlwane.
BALA HAPE:Â Leloko la Zahara le makalla mokete o rerilweng ka moradi wa bona
