JCRS e hlakisa taba ya Mashego le sepolesa 

Lefapha la mmuso la Justice Crime Prevention and Security, le hlakisitse taba ya mapolesa le Tebogo G Mashego ka mora kgatiso moo Mashego a bonahalang a na le mapolesa.

Lefapha lena, le hlalositse ha Mashego a sa tshwarwa empa e le ho iswa dihlahlobong ka mora hore a bontshe matswao a ho kula hloohong le hoba kotsi setjhabeng se haufi le yena.

“Mashego ha tshwarwa, hoya ka molaetsa oo re o fumaneng, o ne a bontsha matswao a ho ameha kelellong le ho etsa dintho tse kabang kotsi batho ba haufi le yena.”

“Sepolesa sa Laudium se fumane pitso mme sa phalla bakeng sa polokeho ya setjhaba ke ka hoo a bonwana a tsamaya le sepolesa le ha a ne a sena tshebedisano mooho.”

BALA HAPE: Tebogo G Mashego o seholla DJ Karri

Mashego o ne a tlalletswe ke naha a le Nigeria mme a kopa dithuso ho latwa. Ka mora ho latwa, o ile a seholla le ho rwaka DJ Karri eo a thusitseng ho molata hona Nigeria ka hore o mothusitse ho bana a batla ho bonwa.

Ka nako eo a ntse a le Nigeria le ha a se a kgutlele, o buile dintho tse sileng batho ba rwetse matsoho dihlohong ka tse ding tsa dibini tsa kwano Afrika Boroa.

Ba bang ba batho ba dumela ha a na le mathata e le ka nnete, ha ba bang bona ba dumela e le ntho tsa bomo le ho kgenela batho ka mora ho tlalwa ke naha Nigeria.

 

BALA HAPE: Tebogo G Mashego o tlalletswe ke naha Nigeria