Rihanna o amohela ngwana boraro

Kgalala ya America ya mmino Robyn ‘Rihanna’ Fenty, o tswetse ngwana hae wa boraro wa moshanyana.

Sebini sena se tummeng lefatsheng ka dipina tse fapaneng tse akgang ‘Man Down le ‘Shine Bright Like A Diamond’ se bile le lekgabunyane ka 13 Lwetse toropong ya Los Angels le ha e le hona a ne a phatlalatsa morao tjena.

Rihanna ke se seng sa dibini tse tsebahalang ka hoba le tjhelete ka ho fitisisa lefatsheng e bile e le sebini sa mosadi wa lebala le letsho.

Rihanna o na le ngwana ya dilemo ditharo RZA Athelson (3) le tse pedi (2) Riot Rose le sebini sa Rap le ‘Hip Hop’ Rakim’A$AP Rocky’ Mayers

A$AP Rocky, o hlalositse ka moo a thabileng ka teng ho amohela lekgabunyane la hae la boraro.

Batshehetse lefatshe ka bophara ba rometse melaetsa ya bona ya ditakaletso tsa mahlohonolo ho baratani bana le bana ba bona.

Baratani bana ba tswelapele ho fa bana ba bona mabitso a qalang ka tlaku ya ‘R’ jwalo ka ha baile ba hlalosa mme lebitso la leseya la bona ke Rocki Irish Mayers.

 

BALA HAPE: JCRS e hlakisa taba ya Mashego le sepolesaÂ