Black Coffee o e tsa boipiletso le kopo

Mohlahisi wa mmino Nkosinathi ‘Black Coffee’ Maphumolo o ngotse ho marangrang moo a etsang boipiletso ho basebedisi ba marangrang.

Coffee o entse boipiletso ba hore batho ba tlohele ho sebedisa ditshwantsho tsa bana ba hae dingangisanong tsa dikamano tsa hae.

Mohlahisi enwa o ntse a le ditabeng ka mora hore mangolo a tlhalano ya hae le molekane wa hae wa dilemo Enhle Mbali, diphethelwe.

Coffee le Enhle, ba dilemo ntse ba hulahulana ka mangolo a tlhalo mme morao tjena ke ha Enhle a phatlalatsa a phethetswe.

Coffee o ngotse hore batho ba kgolwa tsohle tseo ba dibatlang mme seo hase bothata empa ba se kenye le ho maneha bana ba hae ho marangrang.

“Ke ya utlwisisa hore batho ba kgolwa tsohle mme ho lokile. Jwalo ka ntate kena le kopo e le nngwe, ke kopa le tlohele ho maneha bana baka ho marangrang,” ho realo Coffee.

Dintlhakgolo tsa tlhalano ya Coffee le Enhle ha ditsejwe le ha batho ba lepa le ho nahana hore Enhle o tla fumana karolo leruong la Coffee.

 

BALA HAPE: Maikutlo a fapane tabeng ya Black Coffee le Enhle Mbali