Tyla o roba rekoto e nngwe hape ya lefatshe

Sebini sa Afrika Boroa se sa feleng melomong ya batho ba lefatshe, o kgutlile hape ka jwalo ka ha a dula a le ditabeng.

Tyla, o entse mohlolo ka pina ya hae e ntjha ya Chanel e ntseng e tswelapele ho baka ditaba dihana ho fela.

Pina ena e hlaloswa e fumane morethetho ka sekgahla se makatsang ho TikTok mme e entse le nalane ka ho feta dikgatiso tse 2 million matsatsing a 26 e tswile.

Diketsahalo tsena, dibeha letswallwa lena la Afrika le Afrika Boroa ka sehlohlolong sa dibini kapa batho ba ratwang ka ho fitisisa ha jwale lefatsheng.

Le ha ba bang ba thabetse le ho keteka le Tyla, hona le methwaela e dipotso dihana ho fela ka mofuta wa mmino o Tyla a o ntshang.

Sebini sena ke motho ya tjhitja mminong. Dipina tsa hae dikenya merethotho e batlang e fapana papisong le dibini tse tsitlallelang morethetho o le mong.

Tyla ke yena sebini sa pele sa Afrika Boroa ho dula a le melomong ya batho ka ntho tse ntle mme le letlobo le tlang le hola, le kgothatswa haholo ke dikatleho tsa hae.

 

BALA HAPE: Tyla o tswelapele ho itshupa mafatsheng