
Black Coffee o lebisitse Nota Baloyi lekgotleng la dinyewe
Mohlahisi e bile e le seletsi sa mmino wa House le Dance, Nkosinathi “Black Coffee” Maphumulo, o nkile qeto ya ho lebisa Nota Baloyi lekgotleng la dinyewe.
Coffee, o lla ka hore Baloyi eo e leng mookamedi wa mmino, o huhubisa lebitso la hae seretseng ka diketsahalo tsa leshano mme seo se mosenya lebitso.
Qeto ena ya Coffee, e tla ka mora hore Baloyi a bue ka moo sebini sena e leng karolo ya diketso tsa bokebekwa le ho etsa tjhelete ka tsela tse sa hlwekang.
Baloyi ya tsejwang ka ho bua le ho senola makunutu sedikadikweng sa mmino le ha ka nako e nngwe a bua tse siko, o satswa thibelwa ho leba America ka lebaka la maikutlo a hae ka Donald Trump.
Ho ya ka lengolo le bonweng, Coffee o hlahletse nyewe kgahlano le Baloyi ntle le ho motsibisa.
Baloyi ka lehlakoreng le leng, o eme mantsweng a hae le ho nganga ha Coffee a sebedisa ho tuma ha hae ho lwana le seo a dumelang e le nnete kapa ho ntsha maikutlo ho tshireleditsweng ke Constitution ya naha.
Coffee o batla Baloyi a kope tshwarelo le ho dumela a mosentse lebitso le ho lefa mme ka ho le leng, Baloyi le yena o batla Coffee a lefe phumula dikeledi ya kgatello ya maikutlo eo a mofitisitseng ho yona.
