Young Stunna o phomotsa lentswe moketeng

Sebini se iketseditseng lebitso sedikadikweng sa mmino Sandile Msimango ya tsejwang ka lebitso la Young Stunna, o makaditse batho ka ho etsa seneng se sa lebelwa ka nako eo a neng a le sethaleng.

Young Stunna o phomoditse lentswe la hae ka nako eo a ntseng a thabisa letshwele moketeng wa Rooftop Party – Sounds of The City Edition.

Sebini sena se ile sa phatlalatsa matsatsing a fitileng moo a ne a re dingaka dimoeleditse ho phomotsa mmele ho latela mosebetsi o mongata oo a o etsang.

Selemong sena fela Stunna o kene a tswa phaphusing tsa ho hatisa dipina le ho nka karolo meketeng e leshongwa ya mmino.

Tsena tsohle e bile sesosa sa keletso ya dingaka ho sebini sena sa pina ya Adiwele le tse ding tse ngata.

Le ha hole jwalo, ho tlalehwa ha sebini sena se laetswe ho nka bonyane kgwedi se phomotse le ho nka nako se phomoditse mmele.

Potso ke hore e be o tla mamela keletso ya dingata, haholo jwang ho kenwa sehleng sa boithabiso?

Kapa o tla tswelapele ho nka karolo le ho kgefutsa hara nako a phomotse letswele?

Tsena tsohle ditla bonwa ha mmela o ntse o puta.

 

BALA HAPE: Maphorisa o bua ka mathata mminong wa Amapiano