Black Coffee o reka ntlo e bitsang haholo

Seletsi sa mmino wa Dance le House Black Coffee, o ditabeng hape ka mora hoba ditabeng ka taba ya tlhalano le Enhle Mbali dibekeng tse fitileng.

Coffee, o hlahella morao tjena ka ho reka ntlo e bitsang haholo Cape Town. Ntlo ena e matlong a tjeo tse hodimo a Clifton mme ho tlalehwa ha e ja R157 million.

Ntlo ena, ho tlalehwa e le e bitsang ka hofitisisa e rekisitsweng selemong sena Afrika Boroa mme e fuma lehlakoreng la matlo a bitsang ka hofitisisa kahara naha.

Hara tse fumanwang ka hara ntlo ena, ke kamore tse kgolo tsa ho robala (5 en-suite bedrooms), phaphusi e ikgethang ya ho shebella ditshwantsho (private cinema) le phaphusi e kgolo ya ho ikwetlisa.

Ntlo ena e boetse e na le lehlakore le letle la ho bona lewatle Atlantic e boetse e na le letangwana la yona le ikgethang la ho sesetsa.

Seletsi sena se tummeng lefatshe ka bophara, se reka ntlo ena ka mora menyenyetsi ya hore molekane wa hae wa mehleng o tla fumana karolo e itseng ya lefa la hao ka mora tlhalano.

 

BALA HAPE: Black Coffee o e tsa boipiletso le kopo