Enhle Mbali: Ntse nka nyalwa hape

Sebapadi sa ditshwantshiso le thelebishene Enhle Mbali, o makaditse batho ba bangata ha a ne a hlalosa ha a ntse a ka nyalwa hape.

Molekane enwa wa mehleng wa Black Coffee, o ntshitse maikutlo ana ho e nngwe ya dipuisano tseo a bileng le tsona le Nounouche.

Mbali, o qeta hotswa lenyalong la dilemo leo le ha jwale ntseng le na le dintho ntho ka hare moo ho qhwebesanwang ka ditjhelete dipakeng tsa hae le mohatsae wa mehleng.

Sebapadi sena sa mehleng sa Tshisa, se hlalositse ha sele bohlale le ho tseba ho feta pele ntlheng tsa marato.

“Ntse nka nyalwa hape. Ke bohlajana, ke malala-a-laotswe maikutlong mme ke lwane dintwa tse ngata tsa maikutlo ka hare,” ho realo Mbali.

Mbali o hlalositse ha hole bohlokwa hore pele batho ba kena lenyalong ba ithute tse ding tsa dintho tsa bohlokwa ka dikamano le seo ba kenang ho sona.

“Hao kena dikamanong, o lokela ho tseba mawa a ho bua, ho rarolla bothata, ho seha meedi le ho tseba seo loketseng le se sa o lokelang.”

Le ha a satswa ka taba, Mbali o hlalotsitse ha a thabile mme a fumane lerato hape le ha a sa hlalosa hore ke lerato la mofuta o jwang.

“Ntho tseo e leng tsa hao, o ke ke wa difa batho. Dikamano tseo keleng ho tsona, ha ketlo fana ka tsona. Hake hloke ho bontsha batho hore ke dikamanong kapa ke thabile. Saka ke saka.”

Kgalala ena e hlalositse ha e tla etsetsa dintho moo e sa bonweng ke batho e le karolo ya ho hola.

 

BALA HAPE: Maikutlo a fapane tabeng ya Black Coffee le Enhle Mbali