
Kelvin Momo o kopa tshwarelo
Thato Kelvin Ledwaba ya tsebahalang jwalo ka Kelvin Momo, o kopile tshwarelo ka ho se fihle moo a neng a lebelletswe ho letsa mafelo a beke.
Momo ha a fihla moketeng o a neng a lebelletswe ka tjantjello e kgolo ho ona wa Sun City Resort ka moqebelo.
Batshehetse le ba bang ba batho ba neng bale moo, ba hlasetse moo ka bohale ka ha ba bang ba rekile ditekete tsa mokete ka tebelo ya ho lo mamela yena.
Momo o kopile tshwarelo le ho hlalosa ha e ne e se maikemisetso a hae ho se finyele moketeng oo le ha ntho tsohle dine diqetuwe.
“Ke rata ho kopa tshwarelo ka boikokobetse ho Sun City Resort, Bahlophisi, haholoholo balatedi ka ho baphoqa. Ke ikwahlaela se etsahetseng ka ha maikemisetso e ne e se ho le phoqa.”
Momo o hlalositse ha a sebetsa le sehlopha sa hae ho etsa bonnete ba hore ketso ya mofuta ona ha e phethe e etsahala.
Ledwaba o phethetse ka ho hlalosa ha a ke ke a phoqa balateding ba hae le ho ba tshepisa ho iponahatsa moketeng o latelang moo a bitsitsweng.
“Ke lebohela tshehetse le kutlwisiso ya lona, ke tshepa ha ke ke ka le phoqa moketeng o latelang. Ke kopa tshwarelo ka ho le phoqa.”
BALA HAPE:Â Emtee o ntsha maikutlo tabeng ya Mshini
