Bridget Masinga o seholla baqolotsi ba ditaba ka bohale

Sebohodi sa seyalemoya Bridget Masinga, o sehollotse ka bohale baqolotsi ba ditaba ba bontshitse ho hloka botho ka nako eo baneng ba etsa mosebetsi wa bona.

Maikutlo a Masinga a tla ka mora hore ditshwantsho tsa batswadi ba lahlehetsweng ke bana kotsi ya makoloi dimathe ho marangrang.

Ditshwantsho tsena dimathile ka mora ho phatlalatswa ke le leng la masedinyana a ditaba le batho ba fihlileng sebakeng sa ketsahalo le ba maloko.

Masinga, o hlalositse ha a tseba metjha ya ho phatlalatswa le tshebetso ya boqolotsi ba ditaba empa a etsa kopo hore ho nahanwe le ho nahana batho ba kutlong bohloko.

Batswadi ba bana ba fetang 10, ba lahlehetswe ke bana kotsing ya koloi e palamisang bana ho ya sekolong ka mora hore mokgani a leke ho feta dikoloi tse tharo ka nako e le nngwe.

“Ke utlwisisa tsela ya ho tlaleha pale empa ho hlahisa sefahleho sa motswadi ya bohlokong ks mots ho bona ngwana hae ya hlokahetseng, hase botho,” ho realo Masinga.

Basebedisi ba X le bona ba ntshitse maikutlo a bona le ho dumela ha ketso ys baqolotsi ba ditaba ya ho botsa batswadi ba bohlokong e le ho hloka botho le ha e le mosebetsi wa bona.

 

BALA HAPE: Ntwa dipakeng tsa Nota le Dj Maphorisa e tswelapele