Miss South Africa o ngola molaetsa ka mora ho hapa 

Mohapi wa Miss South Africa 2025 Qhawekazi ‘Qhawe’ Mazaleni, o ngotse molaetsa o amang pelo ka mora ho tsibiswa jwalo ka mohlodi wa selemong sena.

Letswalla lena la Eastern Cape leo ebileng e leng speech therapist, le ngotse molaetsa ka tsa leeto la lae la bo mmabotle pele e kaba mohapi wa kgau e kgolo ka hara naha.

“Tsohle tse tletseng ka hare ho nna ke teboho e keneletseng. Tlholo ena hase ya ka kele mong, ke ya batho bohle ba ikemiseditseng ho ipha monyetla le ho dula mererong ya bona,” ho realo Mazaleni.

Qhawe jwalo ka ha a tsejwa, o mathile hantle mehlaleng ya mohlodi wa dilemong tse fitileng Zozibini Tunzi ya ileng a hapa tlhodisano ena ka moriri wa hae wa tlhaho o kutetsweng fatshe.

Mohlodi enwa o hlalositse ha tlholo ena e le ya batho bohle ba motse wa habo ba bontshitseng tshehetso ho yena.

“Leeto lena hase laka ke le mong ho le tsamaya empa ke la rona bohle.”

Qhawe ya neng a utlwahala a thabile le molaetseng oo a o ngotseng, o phethetse ka mantswe a bontsha ha ntse a sa kgolwa hore ke yena mohlodi.

“Bethuna, I am Miss South Africa 2025!!!”