Cassper Nyovest o etsa boipiletso ho batshehetsi 

Sebini sa mmino wa rap le Hip Hop Refiloe Maele Phoolo ya tsebahalang ka lebitso la Cassper Nyovest, o etse boipiletso ho barati le ba tshehetsi ba mmino Afrika Boroa.

Nyovest o hlalositse ha batshehetse ba lokela ho bontsha tshehetso mefuteng e fapang ya mmino ntle le ho bontsha tshekamelo mofuteng o le mong ya mmino e leng Amapiano.

Phoolo ya nang le bokgoni ba ho etsa mefuta e fapaneng ya mmino o buile sena ka nako eo Amapiano e bonahalang e le yona e mathang pele ka ho mamelwa kwano lapeng.

Mofuta ona wa mmino, ke o ikgethang o qaladilwng kwano mme le lefatshe le bonahana le kena shosholong ka ho mamela.

Nyovest o satswa ntsha setlabolane se setjha se bitswang Sondela moo a sebeditseng le MI Casa le Khosie x Issue.

“Ke kopa le se kgelle pina ena fatshe fela jwalo ka ha ke buile ka ‘Aweh’ ka Lordkez ya yang le neo e makatsang,” ho realo Nyovest.

Nyovest ke se seng sa dibini tsa kwano lapeng tseo e le sebaka dile teng mme o tse a ratwa jwalo ka maoba le maobeng.

Sebini sena setla tshwara mokete o moholo ka kgwedi ya Tshitwe lebaleng la Toyota, Bloemfontein [Fill Up Toyota].

 

BALA HAPE: Mokete wa Fill Up Toyota o ntse o atamela